16. Bahlanka ba Saneheribe ba nna ba tswela pele ho nyefola Morena Modimo, le ho nyefola Hesekiya, mohlanka wa hae.
17. Mangolong ao Saneheribe a neng a a ngotse, o ne a nyefotse Morena Modimo wa Iseraele, a mo hanyeditse, a itse: “Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding e sa ka ya namolela ditjhaba tseo tsa yona matsohong a ka, le Modimo wa Hesekiya o ke ke wa namolela setjhaba sa hae matsohong a ka.”
18. Setjhaba sa Jerusalema, se neng se le hodima lerako, ba se howeletsa haholo ka puo ya Seheberu ho se tshosa le ho se kenya letswalo, e le hore ba tle ba tsebe ho hapa motse.
19. Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho.
20. Ka baka la taba ena, kgosi Hesekiya le moporofeta Esaya, mora wa Amose, ba rapela, mme ba ipiletsa ho Modimo.
21. Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.
22. Ka mokgwa o tjena Morena a namolela Hesekiya le baahi ba Jerusalema matsohong a Saneheribe, kgosi ya Asiria, le matsohong a bohle ba bang, mme kgotso ya eba teng kahohle.
23. Batho ba bangata ba tlisetsa Morena dimpho Jerusalema; ba tlisetsa le Hesekiya kgosi ya Juda dimpho tsa bohlokwa. Ho tloha mohlang oo, Hesekiya a tlotleha mahlong a ditjhaba tsohle.
24. Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu, mme a rapela Morena. Morena a mo araba, a mo etsetsa mohlolo.
25. Empa Hesekiya a se ke a leboha seo a se etseditsweng, hobane o ne a ikgohomosa. Ka baka lena, kgalefo ya Modimo ya tlokomela yena le setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema.