1. Kamora tsohle tseo Hesekiya a ileng a di etsa ka botshepehi, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a fihla, a futuhela naha ya Juda. A etsetsa metse e haheleditsweng ya Juda thibella, a hopotse ho ikgapela yona.
2. Ha Hesekiya a bona hore Saneheribe o se a le teng, mme o morerong wa ho futuhela Jerusalema,
3. a eletsana le mahosana le bahale ba hae, hore ho katwe didiba tse neng di le kathoko ho motse, mme ba mo thusa.
4. Setjhaba se sengata sa kgobokana, sa kata didiba tsohle, sa thiba le metsi a nokana e neng e haola hara naha eo, mme sa re: “Ha dikgosi tsa Asiria di fihla di se ke tsa fumana metsi.”
5. Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata.
6. A bea balaodi ba ntwa ho okamela setjhaba sohle. A ba kgobokanyetsa ho yena, lebaleng le pela kgoro ya motse, a ba kgothatsa, a re:
7. “Ebang matla, le tsohe molota, le se ke la tshaba kapa la nyahamiswa dipelo ke kgosi ya Asiria, kapa ke letshewelehadi leo a nang le lona, hobane ya re thusang o matla ho feta ya mo thusang.
8. Yena o tshepile matla a hae, athe rona, Modimo o na le rona; o tla re thusa, a re lwanele.” Mantswe a Hesekiya, kgosi ya Juda, a tsosa setjhaba molota.
9. Kamora tsena, ha Saneheribe, kgosi ya Asiria, a ntse a etseditse Lakishe thibella ka mabotho wohle a hae, a romela bahlanka ba hae Jerusalema ho Hesekiya, kgosi ya Juda, le ho setjhaba sohle sa Juda se neng se le Jerusalema, a re:
10. “Saneheribe, kgosi ya Asiria, o bua tjena: <Le tshepileng, ha e le moo re le etseditse thibella Jerusalema?
11. Na ha le bone hore Hesekiya o a le thetsa, hore le tle le bolawe ke tlala le lenyora, ha a ntse a re: “Morena Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a kgosi ya Asiria?”
12. Na hase yena Hesekiya ya fedisitseng dibaka tsa Modimo tsa borapedi, le dialetare tsa hae, mme a ba a laela setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, a re: “Le rapelle kapele ho aletare e le nngwe, mme le tjhesetse mokubetso hodima yona?”
13. “ <Na ha le tsebe seo nna le bo-ntate re ileng ra se etsa ho ditjhaba tsohle tsa dinaha tse ding? Na medimo ya ditjhaba tseo e ile ya tseba ho di namolela matsohong a ka?