2 Diketsahalo 31:9-21 BIBELE (SSO89SO)

9. Hesekiya a botsa baprista le Balevi ka diqubu tsena.

10. Yaba Asariya, Moprista e Moholo, wa lelapa la Sadoke, o a mo araba, o re: “Haesale ho tloha mohla setjhaba se tlisang dinyehelo ka Tempeleng ya Morena, re ile ra ja, ra ba ra di sheba feela, mme re sa saletswe ke tse ngata, hobane Morena o hlohonolofaditse setjhaba sa hae, mme dijo tse setseng ke qubuhadi ena.”

11. Jwale Hesekiya a laela hore ho lokiswe matlo a polokelo ka Tempeleng ya Morena, mme ba a lokisa.

12. Ba tlisa dinyehelo, le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tse abetsweng Morena, le dimpho tse halalelang. Tsena ba di tlisa ka botshepehi. Konaniya wa Molevi e ne e le yena modisa wa dintho tsena, mothusi wa hae e le Shimei, ngwanabo.

13. Baokamedi bana: Jehiele, le Asasiya, le Nahate, le Asaele, le Jerimote, le Josabada, le Eleele, le Jisemakiya, le Mahate, le Benaya, ba ne ba ikarabella ho Konaniya, le ho Shimei, ngwanabo, e le ka taelo ya kgosi Hesekiya le ya Asariya, mookamedi wa Tempele ya Morena.

14. Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.

15. Metseng ya baprista, e leng moo a neng a sebeletsa teng ka botshepehi, a fepa ba baholo le ba banyenyane ho ya ka dihlopha tsa bona ka ho tshwana; o ne a thuswa ke Edene, le Mineyamine, le Jeshua, le Shemaya, le Amariya, le Shekaniya.

16. Bohle ba batona ba neng ba kena ka Tempeleng ya Morena, ho ya etsa mesebetsi ya bona ya letsatsi le letsatsi, ho tloha ka ba dilemo tse tharo le ho feta, ba neng ba ngotswe bukeng ya lenane la leloko, le bona ba ne ba ba abela dijo ho ya ka dihlopha tsa bona.

17. Lenane la leloko la baprista le ne le hlophisitswe ho ya kamoo malapa abo bona a ngodisitsweng kateng bukeng ya lenane la leloko. Balevi bona, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, ba ne ba hlophisitswe ho ya ka mesebetsi ya bona le dihlopha tsa bona.

18. Ha hlophiswa le lenane la masea a bona, le la basadi ba bona, le la bara ba bona, le la baradi ba bona setjhabeng sohle, ho ya ka buka ya leloko la bona. Ka baka la boemo ba bona, baprista ba ne ba itlhwekisa ka botshepehi, ha ba ilo sebetsa ka dintho tse halalelang.

19. Le bara ba Arone, bao e neng e le baprista, ba neng ba phela makgulong a haufi le metse ya bona, le metseng yohle, ba abelwa dijo ke banna ba neng ba thontswe ka mabitso ho abela bohle ba batona hara baprista, le bohle ba Balevi ba neng ba ngotswe bukeng ya leloko.

20. Hesekiya o ile a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a etsa se molemo, le se lokileng, le seo e leng nnete kapele ho Morena Modimo wa hae.

21. Mosebetsing o mong le o mong oo a ileng a o qala, o amanang le tshebeletso ya Tempele ya Modimo, le molao, le ditaelo, a batla Modimo wa hae, a sebetsa ka pelo yohle ya hae, mme kahoo a atleha.

2 Diketsahalo 31