2 Diketsahalo 31:9-15 BIBELE (SSO89SO)

9. Hesekiya a botsa baprista le Balevi ka diqubu tsena.

10. Yaba Asariya, Moprista e Moholo, wa lelapa la Sadoke, o a mo araba, o re: “Haesale ho tloha mohla setjhaba se tlisang dinyehelo ka Tempeleng ya Morena, re ile ra ja, ra ba ra di sheba feela, mme re sa saletswe ke tse ngata, hobane Morena o hlohonolofaditse setjhaba sa hae, mme dijo tse setseng ke qubuhadi ena.”

11. Jwale Hesekiya a laela hore ho lokiswe matlo a polokelo ka Tempeleng ya Morena, mme ba a lokisa.

12. Ba tlisa dinyehelo, le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tse abetsweng Morena, le dimpho tse halalelang. Tsena ba di tlisa ka botshepehi. Konaniya wa Molevi e ne e le yena modisa wa dintho tsena, mothusi wa hae e le Shimei, ngwanabo.

13. Baokamedi bana: Jehiele, le Asasiya, le Nahate, le Asaele, le Jerimote, le Josabada, le Eleele, le Jisemakiya, le Mahate, le Benaya, ba ne ba ikarabella ho Konaniya, le ho Shimei, ngwanabo, e le ka taelo ya kgosi Hesekiya le ya Asariya, mookamedi wa Tempele ya Morena.

14. Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.

15. Metseng ya baprista, e leng moo a neng a sebeletsa teng ka botshepehi, a fepa ba baholo le ba banyenyane ho ya ka dihlopha tsa bona ka ho tshwana; o ne a thuswa ke Edene, le Mineyamine, le Jeshua, le Shemaya, le Amariya, le Shekaniya.

2 Diketsahalo 31