14. Batho ba tlosa dialetare Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsohle tsa mokubetso, ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone.
15. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ba hlaba konyana ya Paseka. Baprista le Balevi ba hlajwa ke dihlong, mme ba itlhwekisa, ba tlisa dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.
16. Ba ema ditulong tsa bona ho ya ka tlwaelo ya bona, ho latela Molao wa Moshe, mohlanka wa Modimo. Baprista ba foka ka madi ao ba a neilweng ke Balevi.
17. Kaha ba bangata, hara setjhaba, ba ne ba sa itlhwekisa, Balevi ba hlabela e mong le e mong wa bona konyana ya Paseka, ho e hlwekisetsa Morena.
18. Le hoja batho ba bangata, ba neng ba etswa morabeng wa Efraime, le wa Manase, le wa Isakare, le wa Sebulone, ba ne ba sa itlhwekisa, le bona ba eja Paseka, ho fapana le kamoo ho ngotsweng kateng. Empa Hesekiya a ba rapella, a re: “Morena ya lokileng a ke a tshwarele e mong le e mong wa bona,
19. ya felang a ikemiseditse ho batla Morena Modimo wa bo-ntatae, leha a sa hlweka ho ya ka melao ya Sehalalelo.”
20. Morena a mamela thapelo ya Hesekiya, a tshwarela setjhaba.
21. Bana ba Iseraele, ba neng ba le teng Jerusalema, ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ka thabo e kgolo. Balevi le baprista bona ba nna ba rorisa Morena ka tsatsi le leng le le leng, ba mminela ka tjheseho e kgolo.
22. Hesekiya a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba bonahala ba utlwisisa tshebeletso ya Morena. Ka matsatsi a supileng ba eja, ba etsa dinyehelo tsa teboho, mme ba boka Morena Modimo wa bo-ntata bona.
23. Setjhaba sohle sa dumellana hore se boele se keteke ka matsatsi a supileng, mme sa boela sa keteka ka thabo, ka matsatsi a mang a supileng.
24. Hesekiya, kgosi ya Juda, a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse supileng. Mahosana le wona a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse leshome. Baprista ba bangata ba itlhwekisa.
25. Setjhaba sohle sa Juda sa nyakalla hammoho le baprista le Balevi le bohle ba neng ba phuthehile, ba etswa naheng ya Iseraele, le baditjhaba ba neng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba phela naheng ya Juda.
26. Thabo ya eba kgolo Jerusalema, hobane haesale ho tloha mehleng ya Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, ho ne ho eso ka ho eba le ntho e tshwanang le ena, Jerusalema.