1. Jwale Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema, thabeng ya Moria, seotlong sa Orenane wa Mojebuse, moo Morena a neng a iponahatse teng ho Davida, ntatae; e leng sebaka seo Davida a neng a se kgethe.
2. A qala ho e haha ka letsatsi la bobedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bone sa puso ya hae.
3. Ditekanyo tsa Tempele ya Modimo, eo Solomone a ileng a e haha, ke tsena: Bolelele e ne e le dimethara tse ka bang mashome a mabedi a metso e supileng, bophara e le dimethara tse ka bang robong.
4. Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e ka ba dimethara tse robong, bo lekana le bophara ba Tempele; bophahamo le bona e ka ba dimethara tse robong. Bokahare ba lethule a bo maneha kgauta e hlwekisitsweng.
5. Mabota a Tempele a a maneha mapolanka a modutu, le wona a a kwahela ka kgauta a hlwekisitsweng. Hodima wona a etsa ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane.
6. A kgabisa Tempele ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta e tswang Parefaime.
7. A maneha bokahare ba marulelo, le dikosene tsa menyako, le mabota, le mamati a Tempele ka kgauta, mme a etsa ditshwantsho tsa dikerubime maboteng.
8. A haha Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Bolelele ba sona bo ne bo lekana le bophara ba Tempele, e le dimethara tse ka bang robong, le bophara ba sona e le dimethara tse ka bang robong. A se maneha kgauta e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse ka bang mashome a mabedi a motso o mong.
9. Boima ba dipekere tsa kgauta e ne e ka ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng. Le bokahare ba dikamore tse kahodimo bo ne bo manehilwe kgauta.
10. Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa a etsa dikerubime tse pedi, tse betlilweng, mme a di maneha kgauta.
11. Bolelele ba mapheo a dikerubime ha a thathaletse e ne e ka ba dimethara tse robong. Bolelele ba lepheo le le leng la kerubime ya pele e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo. Le ne le thetsitse lebota la Tempele, ha lepheo le leng, le ntseng le lekana le lona, lona le ne le thetsana le lepheo la kerubime e nngwe.