2 Diketsahalo 29:4-11 BIBELE (SSO89SO)

4. A bitsa baprista le Balevi, a ba kgobokanyetsa lebaleng le ka botjhabela.

5. A re ho bona: “Lona Balevi, mmameleng! Itlhwekiseng hona jwale, mme le hlwekise le Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata lona, le hleke ditshila tsohle sebakeng sena se halalelang.

6. Bo-ntata rona ba ile ba sitwa, ba etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa bo-ntata rona. Ba mo furaletse, mme mahlo a bona ha a sa tadimile Leaho la Morena, ba le furaletse.

7. Ba bile ba kwetse menyako ya lethule, ba tima le mabone, mme ha ba sa tjhesa le mokubetso, kapa ho etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso sebakeng sena se halalelang.

8. “Ka baka lena, Morena o halefetse setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, o ba kentse tsietsing, o ba entse setsoto, ba fetohile sekgobo, jwalokaha le lona le bona.

9. Bo-ntata rona ba bolailwe ka sabole; bara ba rona, le baradi ba rona, le basadi ba rona, ke bathopuwa.

10. Jwale ke rerile ho etsa selekane le Morena Modimo wa Iseraele, e le hore kgalefo ya hae e tshabehang e tle e fele.

11. Bara ba ka, se beng mahlaswa, hobane Morena o le kgethile hore le eme kapele ho yena, le mo sebeletse, le be basebeletsi ba hae ba mo tjhesetsang mokubetso.”

2 Diketsahalo 29