2 Diketsahalo 29:24-36 BIBELE (SSO89SO)

24. Baprista ba di hlaba, mme ba isa madi a tsona aletareng, e le nyehelo e etsetsang Baiseraele bohle tefelo ya sebe, hobane kgosi e ne e ile ya laela hore nyehelo ya setjheso, le nyehelo e tlosang sebe, di etsetswe setjhaba sohle sa Iseraele.

25. Ho latela taelo ya Davida, le ya Gade, senohe sa kgosi, le ya moporofeta Nathane, kgosi Hesekiya a bea Balevi ditulong tsa bona, ka Tempeleng ya Morena, ba nkile matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, hobane hona e ne e le taelo ya Morena, eo a e entseng ka baporofeta ba hae.

26. Balevi ba ema ba nkile diletsa tsa Davida, baprista bona ba nkile diterompeta.

27. Hesekiya a laela hore ho etsetswe nyehelo ya setjheso hodima aletare. Ha ba qala ho etsa nyehelo ya setjheso, ha binelwa Morena dipina, ha letswa le diterompeta, le diletsa tse ileng tsa kgethwa ke Davida, kgosi ya Iseraele.

28. Setjhaba sohle sa kgumama, sa rapela, dibini tsa bina, le diterompeta tsa letswa; hona ha tswela pele ho fihlela nyehelo ya setjheso e phethwa.

29. Ha ba qetile ho etsa nyehelo, kgosi le bohle ba neng ba ena le yona, ba kgumama, mme ba rapela.

30. Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.

31. Yaba Hesekiya o re: “Jwale le ineetse Morena. Atamelang le tlise mahlabelo, le dinyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena.” Setjhaba sa tlisa mahlabelo le dinyehelo tsa teboho, mme bohle ba tlisa dinyehelo tsa setjheso, tsa boithaopo.

32. Palo ya dinyehelo tsa setjheso tseo setjhaba se ileng sa di tlisa e ne e le mashome a supileng a dipohwana, le dipheleu tsa lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi. Tsena tsohle e ne e le tsa ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.

33. Tse neng di abetswe Morena e ne e le dipohwana tse makgolo a tsheletseng, le dikgutshwane tse dikete tse tharo.

34. Empa baprista ba ne ba se bakae, hoo ba neng ba sitwa ho buha diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso; ka baka leo, bana babo bona, e leng Balevi, ba ba thusa ho fihlela mosebetsi o phethwa, le ho fihlela baprista ba bang ba itlhwekisitse, hobane Balevi ba ne ba tjhesehela ho itlhwekisa ho feta baprista.

35. Le diphoofolo tsa dinyehelo tsa setjheso di ne di le ngata, le mafura a dinyehelo tsa teboho. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya setjheso e ne e tsamaya le nyehelo ya dino.Yaba mosebetsi wa Tempele ya Morena o busetswa madulong.

36. Hesekiya a nyakalla, le setjhaba sohle sa nyakalla, ka baka la seo Modimo a ileng a se etsetsa setjhaba sa hae, le hona ka potlako.

2 Diketsahalo 29