2 Diketsahalo 29:19-25 BIBELE (SSO89SO)

19. Le thepa yohle eo kgosi Akase a ileng a e silafatsa, ha a ne a sitelwa Morena mehleng ya puso ya hae, re e beile hantle, ra e hlwekisa, mme jwale re e beile kapele ho aletare ya Morena.”

20. Kgosi Hesekiya a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bitsa babusi bohle ba motse, mme ba nyolohela Tempeleng ya Morena.

21. Ba tlisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e le nyehelo e tlosang sebe bakeng sa lelapa la kgosi, le bakeng sa Sehalalelo, le bakeng sa setjhaba sa Juda. A laela baprista, e leng bara ba Arone, hore ba etse nyehelo ka tsona hodima aletare ya Morena.

22. Yaba ba hlaba dipohwana, baprista ba nka madi a tsona, mme ba foka ka wona hodima aletare. Ka mokgwa o jwalo, ha ba se ba hlabile dipheleu, ba foka hodima aletare ka madi a tsona; ba hlaba le dikonyana, mme ba foka hodima aletare ka madi a tsona.

23. Jwale ba tlisa diphooko ho kgosi le ho setjhaba bakeng sa nyehelo e tlosang sebe, ba di bea matsoho hodimo.

24. Baprista ba di hlaba, mme ba isa madi a tsona aletareng, e le nyehelo e etsetsang Baiseraele bohle tefelo ya sebe, hobane kgosi e ne e ile ya laela hore nyehelo ya setjheso, le nyehelo e tlosang sebe, di etsetswe setjhaba sohle sa Iseraele.

25. Ho latela taelo ya Davida, le ya Gade, senohe sa kgosi, le ya moporofeta Nathane, kgosi Hesekiya a bea Balevi ditulong tsa bona, ka Tempeleng ya Morena, ba nkile matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, hobane hona e ne e le taelo ya Morena, eo a e entseng ka baporofeta ba hae.

2 Diketsahalo 29