2 Diketsahalo 29:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. le Shimeri, le Jeiele, e leng bara ba Elesafane, le Sekariya le Mataneya, e leng bara ba Asafo,

14. le Jehiele, le Shimei, e leng bara ba Hemane, le Shemaya, le Usiele, e leng bara ba Jedutune.

15. Banna bana ba bokella bana babo bona, ba itlhwekisa, mme ba hlwekisa le Tempele ya Morena, ho ya ka taelo ya kgosi, ho latela dipolelo tsa Morena.

16. Baprista ba kena ka Tempeleng ya Morena ho ya e hlwekisa. Ditshila tsohle tseo ba di fumaneng ka Tempeleng ya Morena ba di hlekela ka seotlwaneng sa Tempele ya Morena. Balevi ba nka ditshila tsena ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone.

17. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba qala ho hlwekisa Tempele, mme ka letsatsi la borobedi la kgwedi yona eo, ba fihla lethuleng la Morena. Ba hlwekisa Tempele ya Morena ka matsatsi a robedi, mme ka letsatsi la leshome le metso e tsheletseng la kgwedi yona eo ba qeta mosebetsi oo.

18. Jwale Balevi ba ya ho kgosi Hesekiya, ba re: “Re hlwekisitse Tempele ya Morena kahohle, le aletare ya nyehelo ya setjheso, le thepa yohle ya yona, le tafole ya bohobe bo halalelang, le thepa yohle ya yona.

19. Le thepa yohle eo kgosi Akase a ileng a e silafatsa, ha a ne a sitelwa Morena mehleng ya puso ya hae, re e beile hantle, ra e hlwekisa, mme jwale re e beile kapele ho aletare ya Morena.”

20. Kgosi Hesekiya a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bitsa babusi bohle ba motse, mme ba nyolohela Tempeleng ya Morena.

21. Ba tlisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e le nyehelo e tlosang sebe bakeng sa lelapa la kgosi, le bakeng sa Sehalalelo, le bakeng sa setjhaba sa Juda. A laela baprista, e leng bara ba Arone, hore ba etse nyehelo ka tsona hodima aletare ya Morena.

22. Yaba ba hlaba dipohwana, baprista ba nka madi a tsona, mme ba foka ka wona hodima aletare. Ka mokgwa o jwalo, ha ba se ba hlabile dipheleu, ba foka hodima aletare ka madi a tsona; ba hlaba le dikonyana, mme ba foka hodima aletare ka madi a tsona.

23. Jwale ba tlisa diphooko ho kgosi le ho setjhaba bakeng sa nyehelo e tlosang sebe, ba di bea matsoho hodimo.

24. Baprista ba di hlaba, mme ba isa madi a tsona aletareng, e le nyehelo e etsetsang Baiseraele bohle tefelo ya sebe, hobane kgosi e ne e ile ya laela hore nyehelo ya setjheso, le nyehelo e tlosang sebe, di etsetswe setjhaba sohle sa Iseraele.

25. Ho latela taelo ya Davida, le ya Gade, senohe sa kgosi, le ya moporofeta Nathane, kgosi Hesekiya a bea Balevi ditulong tsa bona, ka Tempeleng ya Morena, ba nkile matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, hobane hona e ne e le taelo ya Morena, eo a e entseng ka baporofeta ba hae.

2 Diketsahalo 29