1. Hesekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Abiya, moradi wa Sakariya.
2. Hesekiya a kgahlisa Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.
3. Ka kgwedi ya pele selemong sa pele sa puso ya hae, Hesekiya a bula mamati a Tempele ya Morena, a a lokisa.
4. A bitsa baprista le Balevi, a ba kgobokanyetsa lebaleng le ka botjhabela.
5. A re ho bona: “Lona Balevi, mmameleng! Itlhwekiseng hona jwale, mme le hlwekise le Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata lona, le hleke ditshila tsohle sebakeng sena se halalelang.
6. Bo-ntata rona ba ile ba sitwa, ba etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa bo-ntata rona. Ba mo furaletse, mme mahlo a bona ha a sa tadimile Leaho la Morena, ba le furaletse.
7. Ba bile ba kwetse menyako ya lethule, ba tima le mabone, mme ha ba sa tjhesa le mokubetso, kapa ho etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso sebakeng sena se halalelang.