16. Ka yona nako eo, kgosi Akase a romela molaetsa ho dikgosi tsa Asiria, hore di tlo mo thusa.
17. Baedomo ba ne ba ile ba futuha hape, ba fihla ba hlola setjhaba sa Juda, mme ba thopa batho.
18. Le Bafilesita ba ne ba se ba futuhetse metse e ka mabalane, le e ka borwa ho naha ya Juda, ba hapile Bete-Shemeshe, le Aiyalone, le Gederote, le Soko le metsana ya yona, le Timina le metsana ya yona, le Gimeso le metsana ya yona, mme ba se ba ahile moo.
19. Ka lebaka la Akase, kgosi ya Iseraele, Morena a kokobetsa setjhaba sa Juda, hobane Akase a ile a totisa bokgopo naheng ya Juda, mme a se ke a tshepahala ho Morena.
20. Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a fihla ho Akase, mme sebakeng sa hore a mo thuse, a mo tshwenya.
21. Yaba Akase o nka karolo ya dintho tse ka Tempeleng ya Morena, le tse ka tlung ya kgosi, le tse ka matlung a mahosana, o di nea kgosi ya Asiria, empa ya se ke ya mo thusa.
22. Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta.
23. Akase a etsetsa medimo ya bohata ya Damaseka, mahlabelo, e leng yona e ntseng e mo timetsa, mme a re: “Kaha medimo ya dikgosi tsa Arame e di thusitse, le nna ke tla e etsetsa mahlabelo, e le hore e tle e nthuse.” Empa ke yona medimo eo e ileng ya mo timetsa, ya timetsa le naha yohle ya Iseraele.
24. Akase a bokella thepa ya Tempele ya Modimo, a e pshatla, a kwala menyako ya Tempele ya Morena, mme mateanong wohle a ditsela tsa Jerusalema a ikgahela dialetare.
25. Metseng yohle ya naha ya Juda a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hore ho tjhesetswe medimo ena mokubetso ho tsona, mme ka hona a halefisa Morena Modimo wa bo-ntatae.
26. Diketso tse ding tsa Akase, le mesebetsi ya hae yohle, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.
27. Akase a shwa, mme ba mo epela motseng wa Jerusalema. Empa ba se ke ba mo epela mabitleng a dikgosi tsa Iseraele. Hesekiya, mora wa hae, a mo hlahlama.