13. ba re ho bona: “Le ke ke la tlisa bathopuwa bana mona! Ere re se ntse re sitetswe Morena, jwale le batla ho eketsa dibe tsa rona le melato ya rona! Tshito ya rona e kgolo, mme Baiseraele ba halefetswe ka kgalefo e tshabehang!”
14. Yaba bahlabani ba tlohela bathopuwa le kgapo kapele ho mahosana le setjhaba sohle.
15. Banna ba ileng ba thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka bathopuwa. Ka thepa e hapilweng ba apesa bohle ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba fepa, ba ba fa se nowang, ba ba tlotsa ka ole. Ba fokolang ba bona ba ba palamisa ditonki, ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho bana babo bona, ba nto kgutlela Samaria.
16. Ka yona nako eo, kgosi Akase a romela molaetsa ho dikgosi tsa Asiria, hore di tlo mo thusa.
17. Baedomo ba ne ba ile ba futuha hape, ba fihla ba hlola setjhaba sa Juda, mme ba thopa batho.
18. Le Bafilesita ba ne ba se ba futuhetse metse e ka mabalane, le e ka borwa ho naha ya Juda, ba hapile Bete-Shemeshe, le Aiyalone, le Gederote, le Soko le metsana ya yona, le Timina le metsana ya yona, le Gimeso le metsana ya yona, mme ba se ba ahile moo.
19. Ka lebaka la Akase, kgosi ya Iseraele, Morena a kokobetsa setjhaba sa Juda, hobane Akase a ile a totisa bokgopo naheng ya Juda, mme a se ke a tshepahala ho Morena.
20. Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a fihla ho Akase, mme sebakeng sa hore a mo thuse, a mo tshwenya.
21. Yaba Akase o nka karolo ya dintho tse ka Tempeleng ya Morena, le tse ka tlung ya kgosi, le tse ka matlung a mahosana, o di nea kgosi ya Asiria, empa ya se ke ya mo thusa.