2 Diketsahalo 28:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Empa ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena.

2. A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele; a etsa medimo ya bohata ya bo-Baale.

3. A tjhesetsa le mokubetso ka kgohlong ya mora wa Hinome, a etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ho latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ile a ba leleka kapele ho bana ba Iseraele.

4. A etsa mahlabelo, a tjhesetsa le mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le hodima maralla, le katlase ho difate tsohle tse talana.

5. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa hae, a neelana ka Akase matsohong a kgosi ya Arame. Kgosi ena ya mo hlola, mme ya thopa letshwelehadi la setjhaba sa Juda, ya le isa Damaseka.Hape ha neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Iseraele, e ileng ya mo hlola, bahlabani ba hae ya ba etsa mofela.

6. Peka, mora wa Remaleya, a bolaya ba setjhaba sa Juda ba dikete tse lekgolo le mashome a mabedi ka letsatsi le le leng feela. Bana bohle e ne e le bahale. Ba bolawa kahobane setjhaba sa Juda se ne se furaletse Morena Modimo wa bo-ntata sona.

7. Sikeri, mohale wa ba morabe wa Efraime, a bolaya Maasiya, mora wa kgosi, le Asarikama, mookamedi wa ntlo ya kgosi, le Elekana, letsoho la kgosi.

8. Bana ba Iseraele ba thopa bana babo bona ba dikete tse makgolo a mabedi, e le basadi, le bara, le baradi. Ba hahara le kgapo e ngata, ba e isa Samaria.

9. Moporofeta wa Modimo o ne a le teng moo, lebitso la hae e le Odede. A ya kgahlanyetsa lebotho le fihlileng Samaria, a re ho lona: “Bonang mona: Kaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ne a halefetse setjhaba sa Juda, o neelane ka sona matsohong a lona. Le se bolaile le halefile haholo, mme kgalefo ya lona e fihlile lehodimong.

10. Jwale sepheo sa lona ke hore banna le basadi ba setjhaba sa Juda, le ba tswang Jerusalema, le ba etse makgoba a lona. Na lona ha le a sitelwa Morena Modimo wa lona?

2 Diketsahalo 28