20. Ha Moprista e Moholo Asariya le baprista bohle ba mo tadima, ba bona hore o tswile lepera phatleng, ba mo sutumeletsa kantle, mme le yena a tswa ka potlako, hobane Morena o ne a mo otlile.
21. Kgosi Usiya ya eba molepera ho fihlela a eshwa. A phela a le inotshi tlung e kathoko, hobane o ne a ke ke a hlola a kena ka Tempeleng ya Morena. Jotame, mora wa hae, ya eba yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a busa setjhaba sa naha eo.
22. Diketso tse ding tsa Usiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe ke moporofeta Esaya, mora wa Amose.
23. Yaba Usiya o a shwa, ba mo epela le bo-ntatae, setsheng seo ho epelwang dikgosi ho sona, hobane ba ne ba re: “Usiya ke molepera!” Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.