18. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o romela maqosa ho Amasiya, kgosi ya Juda, o re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: <Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale!> Yaba ho feta sebata sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo.
19. O re o hlotse Baedomo, mme o se o le makokonyana. Itulele ha hao mono! O ratelang ho ikenya tsietsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”
20. Empa Amasiya a se ke a mo mamela, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, hore a tle a neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, kaha ba ile ba batla thuso ya medimo ya Edomo.
21. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.
22. Baiseraele ba imela setjhaba sa Juda, mme sa baleha, e mong le e mong a balehela lapeng ha hae.