2 Diketsahalo 25:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Ka baka leo, kgalefo ya Morena ya tlokomela Amasiya, mme Morena a roma moporofeta ho yena, ya ileng a fihla a re: “Ke ka baka lang ha o batlile thuso ya medimo ya baditjhaba, e sitilweng ho namolela beng ba yona matsohong a hao?”

16. Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!”Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”

17. Hoba kgosi Amasiya a eletswe ke banna ba hae, a romela molaetsa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, setloholo sa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo, re tlo lebanya dithebe!”

18. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o romela maqosa ho Amasiya, kgosi ya Juda, o re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: <Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale!> Yaba ho feta sebata sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo.

19. O re o hlotse Baedomo, mme o se o le makokonyana. Itulele ha hao mono! O ratelang ho ikenya tsietsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”

20. Empa Amasiya a se ke a mo mamela, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, hore a tle a neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, kaha ba ile ba batla thuso ya medimo ya Edomo.

21. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.

22. Baiseraele ba imela setjhaba sa Juda, mme sa baleha, e mong le e mong a balehela lapeng ha hae.

2 Diketsahalo 25