14. Ha Amasiya a kgutla ho tswa timetsa Baedomo, a tla le medimo ya bana ba Seire, a e etsa medimo ya hae, a e kgumamela, mme a e tjhesetsa mokubetso.
15. Ka baka leo, kgalefo ya Morena ya tlokomela Amasiya, mme Morena a roma moporofeta ho yena, ya ileng a fihla a re: “Ke ka baka lang ha o batlile thuso ya medimo ya baditjhaba, e sitilweng ho namolela beng ba yona matsohong a hao?”
16. Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!”Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”
17. Hoba kgosi Amasiya a eletswe ke banna ba hae, a romela molaetsa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, setloholo sa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo, re tlo lebanya dithebe!”
18. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o romela maqosa ho Amasiya, kgosi ya Juda, o re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: <Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale!> Yaba ho feta sebata sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo.
19. O re o hlotse Baedomo, mme o se o le makokonyana. Itulele ha hao mono! O ratelang ho ikenya tsietsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”
20. Empa Amasiya a se ke a mo mamela, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, hore a tle a neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, kaha ba ile ba batla thuso ya medimo ya Edomo.
21. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.
22. Baiseraele ba imela setjhaba sa Juda, mme sa baleha, e mong le e mong a balehela lapeng ha hae.
23. Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, setloholo sa Jehowakase, mora wa Jowashe. A mo isa Jerusalema, a fihla a heletsa lerako la Jerusalema, ho tloha Kgorong ya Efraime, ho ya fihla Kgorong e Hukung. E ne e le sebaka se ka bang dimethara tse makgolo a mabedi.
24. A hahara kgauta yohle le silefera, le thepa yohle e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, e neng e hlokomelwa ke Obede-Edomo, le e neng e le ka letloleng le ka tlung ya kgosi. A thopa le batho, yaba o kgutlela Samaria.
25. Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a phela ka dilemo tse leshome le metso e mehlano kamorao ho lefu la Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele.
26. Diketso tse ding tsa Amasiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.