3. Jehoyada a mo nyadisa basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi.
4. Kamora nako e itseng, Jowashe a rera ho lokisa Tempele ya Morena.
5. A bitsa baprista le Balevi, a re ho bona: “Tsamayang, le ye metseng ya Juda, mme le ntshise Baiseraele bohle tjhelete ya lekgetho ya selemo se seng le se seng, e tla lokisa Tempele ya Morena, mme taba ena le e potlakise.” Leha ho le jwalo, Balevi ba se ke ba e potlakisa.
6. Yaba kgosi e bitsa Moprista e Moholo, Jehoyada, mme ya re ho yena: “Ke ka baka lang o sa kang wa qhoqha Balevi hore ba tlise tjhelete ya lekgetho eo Moshe, mohlanka wa Morena, mmoho le setjhaba sa Iseraele, a ileng a laela hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba e ntshetse Tente ya Morena?”
7. Bara ba Ataleya, mosadi yane ya kgopo, ba ne ba ile ba thua Tempele ya Modimo, le dimpho tsohle tse halalelang tsa Tempele ya Morena, ba di abela tshebeletso ya bo-Baale.
8. Ka taelo ya kgosi ba etsa letlole, mme ba le bea monyako wa Tempele ya Morena.
9. Ba phatlalatsa hara naha yohle ya Juda le Jerusalema, hore ho tlisetswe Morena tjhelete ya lekgetho, eo Moshe, mohlanka wa Modimo, a ileng a re Baiseraele ba tle ba e ntshe, ha a ne a le lehwatateng.
10. Mahosana wohle le setjhaba sohle sa nyakalla, mme sa tlisa dimpho tsa sona ka letloleng, ho fihlela le tlala.
11. Ha Balevi ba ne ba tlisa letlole lena ka tlung ya kgosi, mme ba fumana le ena le tjhelete e ngata, mongodi wa kgosi, le mohlanka wa Moprista e Moholo, ba ne ba ye ba ntshe tjhelete ka letloleng, mme ba le busetse hape sebakeng sa lona. Ka letsatsi le leng le le leng ba ne ba etsa jwalo, mme ba bokella tjhelete e ngata.
12. Bo-kgosi le Jehoyada ba ne ba ye ba e nee ba lokisang Tempele ya Morena, bao ba hire dibetli tsa majwe, le dibetli tsa mapolanka, ho lokisa Tempele ya Morena; ba hire le ba sebetsang ka tshepe, le ka lethose, ho thiba dikgeo tse Tempeleng ya Morena.
13. Basebetsi ba sebetsa ka thata, ba phetha mosebetsi, mme ba kgutlisetsa Tempele ya Morena sebopehong sa yona, ba e matlafatsa.
14. Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.
15. Ha Jehoyada a se a tsofetse, e se e le mobu, a hlokahala a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo.
16. A epelwa Motseng wa Davida, le dikgosi tse ding, hobane o ne a sebeleditse Iseraele, le Modimo, le Tempele ya Modimo hantle.
17. Hoba Jehoyada a shwe, mahosana a Juda a tla boka dikgomo ho kgosi, mme kgosi ya a mamela.
18. Mahosana a furalla Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata wona, a sebeletsa ditshwantsho tsa Ashera le medimo ya bohata. Ka baka la tshito ena ya wona, kgalefo ya Morena ya tlokomela setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema.
19. Le hoja Morena a ile a ba a romela baporofeta ho kgutlisetsa setjhaba ho yena, ha se a ka sa mamela.
20. Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: <Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.> ”