2 Diketsahalo 24:18-27 BIBELE (SSO89SO)

18. Mahosana a furalla Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata wona, a sebeletsa ditshwantsho tsa Ashera le medimo ya bohata. Ka baka la tshito ena ya wona, kgalefo ya Morena ya tlokomela setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema.

19. Le hoja Morena a ile a ba a romela baporofeta ho kgutlisetsa setjhaba ho yena, ha se a ka sa mamela.

20. Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: <Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.> ”

21. Ka taelo ya kgosi ba mo rera, ba mmolaya, ba mo tlepetsa ka majwe a le lebaleng la Tempele ya Morena.

22. Jowashe a se ke a ba a hopola molemo oo Jehoyada, ntata Sekariya, a ileng a mo etsetsa wona, yaba o bolaya mora wa Jehoyada. Ha Sekariya a eshwa, a re: “Morena a ke a le bone, mme a le otle!”

23. Ha selemo se ilo fela, mabotho a Baarame a futuhela Jowashe. Mabotho ao a fihla naheng ya setjhaba sa Juda le Jerusalema, a bolaya mahosana wohle a setjhaba, mme tsohle tseo a di hapileng, a di isa ho kgosi ya maseka.

24. Lebotho la Arame e ne e le sehlotshwana sa bahlabani, empa Morena a neelana ka lebotho le leholo la Baiseraele matsohong a Baarame, hobane Baiseraele ba ne ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona. Ka mokgwa ona ba ahlola Jowashe.

25. Baarame ba mo siya ba mo ntshitse dikotsi tse tshabehang. Bahlanka ba hae ba mo rera, hobane o ne a ile a bolaya bara ba moprista Jehoyada. Ba mmolaela diphateng tsa hae, mme a shwa. Ba mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.

26. Ba ileng ba mo rera ke bana: Sabada, mora wa Shimate, eo e neng e le mosadi wa Moamone, le Jehosabada, mora wa Shimerite, eo e neng e le mosadi wa Bamoabe.

27. Ha e le taba tsa bara ba hae, le tsohle tseo a ileng a di porofetelwa, le tsa ho lokisa Tempele ya Modimo, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi. Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

2 Diketsahalo 24