1. Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebiya, eo ha habo e neng e le Beeresheba.
2. Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle ya ho phela ha moprista Jehoyada.
3. Jehoyada a mo nyadisa basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi.
4. Kamora nako e itseng, Jowashe a rera ho lokisa Tempele ya Morena.
5. A bitsa baprista le Balevi, a re ho bona: “Tsamayang, le ye metseng ya Juda, mme le ntshise Baiseraele bohle tjhelete ya lekgetho ya selemo se seng le se seng, e tla lokisa Tempele ya Morena, mme taba ena le e potlakise.” Leha ho le jwalo, Balevi ba se ke ba e potlakisa.
6. Yaba kgosi e bitsa Moprista e Moholo, Jehoyada, mme ya re ho yena: “Ke ka baka lang o sa kang wa qhoqha Balevi hore ba tlise tjhelete ya lekgetho eo Moshe, mohlanka wa Morena, mmoho le setjhaba sa Iseraele, a ileng a laela hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba e ntshetse Tente ya Morena?”