7. Balevi bohle ba tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Mang kapa mang ya tla kena ka Tempeleng a bolawe. Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”
8. Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.
9. Moprista Jehoyada a nea balaodi ba bahlabani ba lekgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, le dithejana tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Modimo.
10. A hlophisa setjhaba sohle, monna ka mong a tshwere dihlomo tsa hae. Theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ho potapota Tempele, le aletare, ba teetse kgosi hare.
11. Jwale Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, ba mo rwesa mofapahlooho, ba mo nea le Buka ya Molao, mme ba mo etsa kgosi. Jehoyada le bara ba hae ba mo tlotsa, mme ba re: “Kgosi e ke e re phelele!”
12. Ha Ataleya a utlwa ditlatse tsa setjhaba, ha se ntse se matha, mme se phafa kgosi, a tla ho sona ka Tempeleng ya Morena.
13. A tadima, mme a bona kgosi e eme pela tshiya a pela monyako, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi. Setjhaba sohle sa nyakalla, sa letsa diterompeta, le dibini, ka diletsa tsa tsona tsa etella mmino pele. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”
14. Moprista Jehoyada a laela balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntsheng kahara mokgopi! Motho ya tla mo sala morao a bolawe ka sabole!” Moprista Jehoyada o ne a ile a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa ka Tempeleng ya Morena.”
15. Ba mo tshwara, mme ya re ha a fihla Monyakong wa Dipere, pela ntlo ya kgosi, ba mmolaya.
16. Jwale Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa hae le setjhaba, le kgosi, hore e be setjhaba sa Morena.
17. Setjhaba sohle sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa Baale, sa bolaela Matane, moprista wa Baale, kapele ho dialetare tseo.
18. Jehoyada a bea baprista, e leng Balevi, hore ba hlokomele Tempele ya Morena. Ke bao Davida a neng a ba abetse hore ba sebeletse ka Tempeleng ya Morena, ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe. Ba etsa hona ba nyakaletse, ba bina jwalokaha Davida a ile a ba laela.