7. Balevi bohle ba tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Mang kapa mang ya tla kena ka Tempeleng a bolawe. Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”
8. Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.
9. Moprista Jehoyada a nea balaodi ba bahlabani ba lekgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, le dithejana tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Modimo.
10. A hlophisa setjhaba sohle, monna ka mong a tshwere dihlomo tsa hae. Theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ho potapota Tempele, le aletare, ba teetse kgosi hare.
11. Jwale Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, ba mo rwesa mofapahlooho, ba mo nea le Buka ya Molao, mme ba mo etsa kgosi. Jehoyada le bara ba hae ba mo tlotsa, mme ba re: “Kgosi e ke e re phelele!”
12. Ha Ataleya a utlwa ditlatse tsa setjhaba, ha se ntse se matha, mme se phafa kgosi, a tla ho sona ka Tempeleng ya Morena.