2 Diketsahalo 23:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa bosupa Jehoyada a imatlafatsa. A etsa tumellano le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng Asariya, mora wa Jehorame, le Ishemaele, mora wa Jehohanane, le Asariya, mora wa Obede; le Maasiya, mora wa Adaya, le Eleshafade, mora wa Sikeri.

2. Ba potoloha le naha ya Juda, ba phutha Balevi ba tswang metseng yohle ya Juda, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba nto kgutlela Jerusalema.

3. Setjhaba sohle sa etsa tumellano le kgosi ka Tempeleng ya Modimo.Jehoyada a re ho setjhaba: “Mora wa kgosi o tla busa jwalokaha Morena a ile a tshepisa ditloholo tsa Davida.

4. Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele, sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, e leng sa baprista le Balevi, se tla lebela menyako.

5. Sehlopha sa bobedi se tla lebela ntlo ya kgosi, sa boraro sona se lebele kgoro e bitswang Kgoro ya Motheo. Setjhaba sohle se tla ba ka lebaleng la Tempele ya Morena.

6. Ho se be ya kenang ka Tempeleng ya Morena, haese baprista feela, le Balevi ba sebeletsang. Ke bona feela ba tla kena, hobane ba a halalela. Empa setjhaba sohle sona se tla ela hloko ditaelo tsa Morena.

7. Balevi bohle ba tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Mang kapa mang ya tla kena ka Tempeleng a bolawe. Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”

8. Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.

2 Diketsahalo 23