2 Diketsahalo 22:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ha a le Rama, ha a ne a lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame.Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.

7. Ke ka thato ya Modimo hore leeto lena la Akasiya, la ho tjhakela Jorame, e be sesosa sa ho wa ha Akasiya. Yare a sa le moo, ba tsamaya le Jorame ho ya bona Jehu, mora wa Nimeshi, eo Morena a neng a mo tlotseditse ho timetsa lelapa la Akabe.

8. Ha Jehu a ntse a phethahatsa kahlolo ho ba lelapa la Akabe, a fumana mahosana a setjhaba sa Juda, le bara ba bana babo Akasiya, ba neng ba sebeletsa Akasiya, mme a ba bolaya.

9. Jwale ba tsoma Akasiya ya neng a ipatile Samaria. Ba mo tshwara, ba mo isa ho Jehu. Hoba ba mmolaye, ba mo epela, hobane ba ne ba re: “Ke mora wa Jehoshafate ya neng a sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle.” Ka baka leo, ha se ke ha hlola ho eba le ya mong wa lelapa la Akasiya ya neng a ka busa.

10. Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi ya setjhaba sa Juda.

11. Empa Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pata hammoho le mohodisi wa hae kamoo ho bolokwang diphate kateng. Kahoo Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, mohatsa moprista Jehoyada, a mo patela Ataleya, mme Ataleya a se ke a mmolaya.

12. Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosabada a pata Jowashe ka Tempeleng ya Modimo.

2 Diketsahalo 22