2 Diketsahalo 21:4-14 BIBELE (SSO89SO)

4. Ha Jehorame a se a entswe kgosi, ho hlahlama ntatae, a imatlafatsa, a bolaya bana babo kaofela ka sabole, le mahosana a mang a Iseraele.

5. Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema.

6. A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane o ne a nyetse moradi wa Akabe. A etsa bobe mahlong a Morena.

7. Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.

8. Ka nako eo Jehorame a neng a busa ka yona, Baedomo ba mo fetohela, ba itokolla pusong ya Juda, ba ikgethela kgosi.

9. Yaba bo-Jehorame le mahosana ba ba futuhela ka dikariki tsa hae tsa ntwa. A tsoha hara bosiu, a ena le balaodi ba dikariki tsa ntwa, a phunyeletsa theko ya Baedomo.

10. Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya setjhaba sa Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.Ka yona nako eo, motse wa Lebena le wona wa fetohela Juda, hobane Jehorame a ne a ile a furalla Morena Modimo wa bo-ntatae.

11. Jehorame a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona dithabeng tsa Juda, a ba a etsa hore baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, a kgelosa setjhaba sa Juda.

12. Jwale Jehorame a amohela lengolo le tswang ho moporofeta Elia, le reng: “Morena Modimo wa Davida, ntataomoholo, o bua tjena: <Ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya Jehoshafate, ntatao, le mehlaleng ya Asa, kgosi ya Juda.

13. O tsamaile mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, mme o entse hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, jwaloka ba lelapa la Akabe. O bile o bolaile bana beno, ba lelapa la ntatao, ba neng ba lokile ho o feta.

14. Ka baka leo, Morena o tla otla setjhaba sa hao, le bana ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka lefu la sewa se seholo.

2 Diketsahalo 21