2 Diketsahalo 21:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Jehoshafate a shwa, mme a epelwa ho bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jehorame, mora wa hae, a mo hlahlama.

2. Bana babo Jehorame, e leng bara ba Jehoshafate, e ne e le Asariya, le Jeiele, le Sekariya, le Asariyahu, le Mikaele, le Shefatiya. Bana kaofela e ne e le bara ba Jehoshafate, kgosi ya Iseraele.

3. Ntata bona a ba fa dimpho tse ngata tsa silefera, le tsa kgauta, le tse ding tsa bohlokwa; a ba fa le metse e haheleditsweng e naheng ya Juda, empa mmuso wona a o nea Jehorame, hobane e ne e le yena letsibolo la hae.

4. Ha Jehorame a se a entswe kgosi, ho hlahlama ntatae, a imatlafatsa, a bolaya bana babo kaofela ka sabole, le mahosana a mang a Iseraele.

5. Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema.

6. A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane o ne a nyetse moradi wa Akabe. A etsa bobe mahlong a Morena.

7. Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.

8. Ka nako eo Jehorame a neng a busa ka yona, Baedomo ba mo fetohela, ba itokolla pusong ya Juda, ba ikgethela kgosi.

2 Diketsahalo 21