2 Diketsahalo 20:3-17 BIBELE (SSO89SO)

3. Jehoshafate a tshoha, mme a ipiletsa ho Morena. A phatlalatsa hore naheng yohle ya Juda ho itingwe dijo.

4. Setjhaba sa Juda sa kgobokana ho tla ipiletsa ho Morena. Se ne se etswa metseng yohle ya Juda, ho tla ipiletsa ho Morena.

5. Jehoshafate a ema kahara setjhaba sa Juda le sa Jerusalema, a le Tempeleng ya Morena, kapele ho seotlwana se setjha.

6. A re: “Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona, na hase wena Modimo ya lehodimong? Na hase wena ya busang mebuso yohle ya baditjhaba? Letsoho la hao le matla hoo ho seng ya ka emang kapele ho wena.

7. Na hase wena Modimo wa rona, ya ileng a leleka baahi ba naha ee kapele ho setjhaba sa hao sa Iseraele, wa ba wa e nea ditloholo tsa Aborahama, motswalle wa hao, kamehla yohle?

8. Setjhaba sa hao se ile sa aha naheng ena, sa o hahela sehalalelo ho yona, hore o tle o kgumamellwe teng, mme sa ba sa re:

9. <Haeba bobe bo ka re wela hodimo, eba re ka bolawa ka sabole, kapa ra ahlolwa, kapa ra welwa ke lefu la sewa, kapa sekoboto, re tla ema kapele ho Tempele ena, le kapele ho wena, hobane ke moo o kgumamellwang teng. Tsietsing ya rona re tla ipiletsa ho wena, mme o tla re utlwa, o re pholose.>

10. “Ha bana ba Iseraele ba ne ba etswa Egepeta, o ne o ba laele hore ba se ke ba futuhela Baamone, le Bamoabe, le ditjhaba tse tswang thabeng ya Seire, mme ba fela ba ba kwekwetla, ba se ke ba ba timetsa.

11. Empa jwale ako bone: Ba re putsa ka ho tla re leleka naheng ena ya hao, eo o neng o re nee yona hore e be lefa la rona.

12. Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”

13. Setjhaba sohle sa Juda se ne se eme kapele ho Morena, se ena le masea a sona, le basadi ba sona, le bana ba sona.

14. Jwale Moya wa Morena wa theohela hodima Jahaseele, mora wa Sekariya, setloholo sa Benaya, setloholwana sa Jeiele, setlohotloholwana sa Mataneya, eo e neng e le Molevi wa leloko la Asafo. Wa theohela hodima hae a ntse a le kahara setjhaba.

15. Yaba Jahaseele o re: “Lona bohle ba setjhaba sa Juda, le lona baahi ba Jerusalema, le wena kgosi Jehoshafate, mamelang! Morena o bua tjena ho lona: <Le se ke la tshaba, leha e le ho nyahama dipelo, ka baka la letshwelehadi lena, hobane ntwa ena hase ya lona, empa ke ya Modimo.

16. Hosasane le ba futuhele. Ba tla tla ka tsela e nyolohang ka moepeng wa Sisa, mme le tla ba fumana moo kgohlo e fellang teng, kapele ho lehwatata la Jeruele.

17. Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.> ”

2 Diketsahalo 20