22. Eitse ha dibini di qala ho bina, Morena a etsa hore Baamone, le Bamoabe, le ba tswang thabeng ya Seire, ba neng ba futuhetse naha ya Juda, ba lallwe, mme ba hlolwe.
23. Baamone, le Bamoabe, ba fetohela baahi ba tswang thabeng ya Seire, ba ba bolaya, ba ba timetsa ho hang. Hoba ba timetse baahi ba Seire, Baamone le Bamoabe ba bolayana ka bobona.
24. Eitse ha ba lebotho la setjhaba sa Juda ba fihla toreng e lehwatateng, mme ba tadima, ba bona letshwelehadi e se e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le ya mong ya phonyohileng.
25. Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella.
26. Ka letsatsi la bone ba kgobokana ka kgohlong ya Beraka, ba rorisa Morena. Ka baka leo, sebaka seo sa rewa lebitso la Kgohlo ya Beraka, mme ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.