2 Diketsahalo 20:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora tsena, Bamoabe, le Baamone, le Bameune ba bang, ba futuhela Jehoshafate.

2. Batho ba bang ba fihla, ba bolella Jehoshafate, ba re: “Lebotho le leholohadi, le tswang Edomo, ka nqane ho lewatle, le a tla, le tlilo o futuhela. Le se le le Hasesone-Tamare, e leng Ene-Gedi.”

3. Jehoshafate a tshoha, mme a ipiletsa ho Morena. A phatlalatsa hore naheng yohle ya Juda ho itingwe dijo.

4. Setjhaba sa Juda sa kgobokana ho tla ipiletsa ho Morena. Se ne se etswa metseng yohle ya Juda, ho tla ipiletsa ho Morena.

5. Jehoshafate a ema kahara setjhaba sa Juda le sa Jerusalema, a le Tempeleng ya Morena, kapele ho seotlwana se setjha.

6. A re: “Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona, na hase wena Modimo ya lehodimong? Na hase wena ya busang mebuso yohle ya baditjhaba? Letsoho la hao le matla hoo ho seng ya ka emang kapele ho wena.

2 Diketsahalo 20