2 Diketsahalo 2:4-13 BIBELE (SSO89SO)

4. Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.

5. “Tempele ena eo ke tla e haha e kgolo hobane Modimo wa rona o moholo ho feta medimo yohle.

6. Empa ke mang ya ka mo hahelang Tempele, haesitana le mahodimo a maholo hakaanakaana, a ke ke a mo lekana? Jwale ebe nna ke mang, hoo nka mo hahelang Tempele, haese feela ho haha sebakana sa ho mo tjhesetsa mahlabelo?

7. “Ka lebaka lena, ako nthomelle monna wa setsebi, ya tsebang ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; ya tsebang le ho etsa masela a perese, le a mafubedu, le a maputswa; ya tla tseba ho rala ditshwantsho, a sebetse le banna ba ditsebi, bao ke nang le bona mona naheng ya Juda le Jerusalema, bao Davida, ntate, a seng a ba hlophile.

8. “Hape o nthomelle difate tsa dikedare, le tsa modutu, le tsa alemaka, tse tswang Lebanone. Ke a tseba hore bahlanka ba hao ke ditsebi tsa ho rema difate, moo Lebanone, mme bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao,

9. ba ntlhophele difate tse ngata, hobane Tempele eo ke tla e haha e tla ba kgolo ka mokgwa o makatsang.

10. “Ke tla o romela koro e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le harese e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le veine e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, le ole ya mohlwaare e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, hore e be dijo tsa bahlanka ba hao ba tla rema difate.”

11. Yaba Hirame, kgosi ya Tire, o araba Solomone ka lengolo, o re: “Kahobane Morena a ratile setjhaba sa hae, o o entse hore o be kgosi ya sona.”

12. Hirame a tswela pele, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya entseng lehodimo le lefatshe, ya neileng Davida mora ya bohlale, ya nang le kelello le kutlwisiso, ya tla hahela Morena Tempele, a be a ikgahele ntlo ya bokgosi.

13. “Jwale ke o romela monna ya bohlale, ya nang le kutlwisiso, ya bitswang Hurame.

2 Diketsahalo 2