11. Yaba Hirame, kgosi ya Tire, o araba Solomone ka lengolo, o re: “Kahobane Morena a ratile setjhaba sa hae, o o entse hore o be kgosi ya sona.”
12. Hirame a tswela pele, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya entseng lehodimo le lefatshe, ya neileng Davida mora ya bohlale, ya nang le kelello le kutlwisiso, ya tla hahela Morena Tempele, a be a ikgahele ntlo ya bokgosi.
13. “Jwale ke o romela monna ya bohlale, ya nang le kutlwisiso, ya bitswang Hurame.
14. Ke mora wa mosadi e mong wa ba morabe wa Dane. Ntatae o ne a ahile Tire. Monna enwa o tseba ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; le ho betla majwe, le ho etsa dintho tsa lehong, le tsa masela a perese, le a maputswa, le a lene e lohehileng, le a mafubedu. O tseba le ho etsa moralo wa ntho efe le efe, le ho etsa setshwantsho sa ntho efe le efe eo ho thweng a e etse. Monna enwa o tla sebetsa le ditsebi tsa hao, le ditsebi tsa monga ka Davida, ntatao.
15. “Ka baka lena, monga ka a ke a romele koro, le harese, le veine, le ole, e leng tseo a buileng ka tsona, ho rona bahlanka ba hae.
16. Rona re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang, mona Lebanone, re di tlamahanye, re di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, ho ya fihla Jopo. Jwale wena o tla di nka, o di ise Jerusalema.”
17. Solomone a bala bajaki bohle ba neng ba le naheng ya Iseraele; a ba bala jwalokaha Davida, ntatae, a ne a ile a ba bala. Ha fumanwa ba le dikete tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, le makgolo a tsheletseng.
18. Ba dikete tse mashome a supileng a ba abela ho jara thoto; ba dikete tse mashome a robedi a ba abela ho thua majwe thabeng, mme ba dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng bona a ba abela ho hlokomela batho ba sebetsang.