2 Diketsahalo 2:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Solomone a rera ho hahela Morena Tempele le ho ikgahela ntlo ya bokgosi.

2. A kgetha banna ba dikete tse mashome a supileng ho thotha thepa ya ho haha, le ba dikete tse mashome a robedi ho betla majwe thabeng. A kgetha baokamedi ba bona ba dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng.

3. Solomone a romela molaetsa ho Hirame, kgosi ya Tire, a re: “Jwalokaha o ile wa sebetsa le Davida, ntate, wa mo romela difate tsa dikedare ho ikgahela ntlo, le nna ako sebetse le nna jwalo.

4. Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.

2 Diketsahalo 2