2 Diketsahalo 19:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jehoshafate, kgosi ya Juda, a kgutlela tlung ya hae Jerusalema, ka kgotso.

2. Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.

3. Leha ho le jwalo, o entse ho hong ho lokileng: O tlositse ditshwantsho tsa Ashera naheng ena, mme o itokiseditse ho sebeletsa Modimo.”

4. Jehoshafate o ne a ahile Jerusalema, empa o ne a ye a tsamaye hara setjhaba, ho tloha Beeresheba ho ya fihla naheng e maralla ya Efraime, a ntse a bolella setjhaba hore se kgutlele ho Morena Modimo wa bo-ntata sona.

5. Naheng yohle ya Juda a bea moahlodi motseng o mong le o mong o haheleditsweng.

6. A re ho baahlodi bana: “Hlokomelang seo le se etsang, hobane ha le ahlolele motho, empa le ahlolela Morena, ya leng teng ha le ahlola.

7. Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”

2 Diketsahalo 19