2 Diketsahalo 18:24-34 BIBELE (SSO89SO)

24. Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kaharehare ho ya ipata teng, ke mohla o tla tseba.”

25. Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi,

26. le re: <Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobenyana le ka metsinyana feela, ho fihlela ke kgutla ka kgotso.> ”

27. Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, e tla ba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”

28. Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba nyoloha, ba futuhela Rama e Gileade.

29. Kgosi ya Iseraele ya re ho Jehoshafate: “Ke tla ikgakanya, ke itahlele ntweng, empa wena o apare diaparo tsa hao tsa bokgosi.” Kgosi ya Iseraele ya ya ntweng e ikgakantse.

30. Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa, ba neng ba ena le yona, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”

31. Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate, ba re: “Enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo etsetsa sakana-la-nkope, ba mo lwantsha. Jehoshafate a hlaba mokgosi, mme Morena a mo thusa, a etsa hore ba kgaotse ho mo lwantsha.

32. Ha balaodi ba dikariki ba hlokomela hore hase yena kgosi ya Iseraele, ba kgaotsa ho mo phaladisa.

33. Mohlabani e mong a betsa motsu feela, a sa o lebisa ho motho, mme a hlaba kgosi ya Iseraele moo seaparo sa yona sa ntwa se kopanang teng. Yaba kgosi e re ho moqhobi wa kariki ya ntwa: “Sokolla kariki ya hao, o nntshe hara lebotho, hobane ke tswile kotsi.”

34. Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele ya itshetleha ka kariking ya yona ya ntwa, e ntse e tadimile ka ho Baarame, ho fihlela mantsiboya, mme ka phirimana ya eshwa.

2 Diketsahalo 18