22. “Ka baka leo he, ako bone kamoo Morena a entseng hore baporofeta bana ba hao bohle ba bue leshano! Empa Morena yena o se a boletse koduwa e tla o wela hodimo.”
23. Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”
24. Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kaharehare ho ya ipata teng, ke mohla o tla tseba.”
25. Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi,
26. le re: <Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobenyana le ka metsinyana feela, ho fihlela ke kgutla ka kgotso.> ”
27. Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, e tla ba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”
28. Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba nyoloha, ba futuhela Rama e Gileade.
29. Kgosi ya Iseraele ya re ho Jehoshafate: “Ke tla ikgakanya, ke itahlele ntweng, empa wena o apare diaparo tsa hao tsa bokgosi.” Kgosi ya Iseraele ya ya ntweng e ikgakantse.
30. Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa, ba neng ba ena le yona, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”