2 Diketsahalo 18:11-26 BIBELE (SSO89SO)

11. Baporofeta bohle ba porofeta jwalo, ba re: “Futuhela Rama e Gileade, o tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”

12. Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.”

13. Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”

14. Ha Mmikiya a fihla ho kgosi, kgosi ya re ho yena: “Mmikiya, na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?”Mmikiya a mo araba, a re: “E futuheleng, mme le tla atleha, hobane ho tla neelanwa ka baahi ba teng matsohong a hao.”

15. Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?”

16. Mmikiya a re:“Ke bona Baiseraele bohleba qhalakane hodima dithaba,jwaloka dinku tse se nang modisa,mme Morena o re:<Bana ha ba na monga bona:Motho ka monga ipoelle ha hae ka kgotso!> ”

17. Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, ha e se tse mpe feela?”

18. Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae ka letsohong la hae le letona, le ka letsohong la hae le letshehadi.

19. Morena a re: <Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade?>“E mong a bua tjena, e mong a bua tjena.

20. Jwale moya o mong wa tswa hara lebotho la Morena, wa bua, wa re: <Ke nna ya tla mo qhekanyetsa!>“Morena a re ho wona: <Jwang?>

21. “Wa araba, wa re: <Ke tla ya, ke etse hore baporofeta bohle ba hae ba bue leshano.>“Morena a re: <O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!>

22. “Ka baka leo he, ako bone kamoo Morena a entseng hore baporofeta bana ba hao bohle ba bue leshano! Empa Morena yena o se a boletse koduwa e tla o wela hodimo.”

23. Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”

24. Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kaharehare ho ya ipata teng, ke mohla o tla tseba.”

25. Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi,

26. le re: <Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobenyana le ka metsinyana feela, ho fihlela ke kgutla ka kgotso.> ”

2 Diketsahalo 18