2 Diketsahalo 18:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Jehoshafate e ne e le morui e moholo, ya tlotlehang haholo, mme a nyallana le Akabe.

2. Hoba ho fete dilengwana, a theohela Samaria ho Akabe. Akabe a hlabela Jehoshafate le batho ba neng ba ena le yena dinku tse ngata, le dikgomo tse ngata, a ba a mo hlohleletsa hore a futuhele Rama e Gileade.

3. Akabe, kgosi ya Iseraele, a re ho Jehoshafate, kgosi ya Juda: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?”Jehoshafate a araba, a re ho yena: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao. Re tla futuha le wena.”

4. Jehoshafate a boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke a o kopa: Ako botse Morena pele.”

5. Kgosi ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?”Ba re ho kgosi: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka Rama e Gileade matsohong a kgosi.”

6. Empa Jehoshafate a re: “Na ekaba moo ha ho sa na moporofeta e mong wa Morena, eo re ka mmotsang?”

7. Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re ho yena: “Ho sa na le monna e mong hape eo re ka reng a re botsetse ho Morena, empa nna ke mo hloile, hobane ha a ke be a mporofetele tse molemo, o mporofetela tse mpe. Ke Mmikiya, mora wa Jimela.”Jehoshafate a re ho kgosi: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”

8. Jwale kgosi ya Iseraele ya bitsa le leng la matona, ya re ho lona: “Potlaka, o yo mpitsetsa Mmikiya, mora wa Jimela!”

2 Diketsahalo 18