1. Jehoshafate e ne e le morui e moholo, ya tlotlehang haholo, mme a nyallana le Akabe.
2. Hoba ho fete dilengwana, a theohela Samaria ho Akabe. Akabe a hlabela Jehoshafate le batho ba neng ba ena le yena dinku tse ngata, le dikgomo tse ngata, a ba a mo hlohleletsa hore a futuhele Rama e Gileade.
3. Akabe, kgosi ya Iseraele, a re ho Jehoshafate, kgosi ya Juda: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?”Jehoshafate a araba, a re ho yena: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao. Re tla futuha le wena.”
4. Jehoshafate a boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke a o kopa: Ako botse Morena pele.”
5. Kgosi ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?”Ba re ho kgosi: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka Rama e Gileade matsohong a kgosi.”
6. Empa Jehoshafate a re: “Na ekaba moo ha ho sa na moporofeta e mong wa Morena, eo re ka mmotsang?”
7. Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re ho yena: “Ho sa na le monna e mong hape eo re ka reng a re botsetse ho Morena, empa nna ke mo hloile, hobane ha a ke be a mporofetele tse molemo, o mporofetela tse mpe. Ke Mmikiya, mora wa Jimela.”Jehoshafate a re ho kgosi: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”
8. Jwale kgosi ya Iseraele ya bitsa le leng la matona, ya re ho lona: “Potlaka, o yo mpitsetsa Mmikiya, mora wa Jimela!”
9. Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba ne ba apere diaparo tsa bona tsa bokgosi, ba dutse diteroneng tsa bona, seotlong se kantle ho kgoro ya motse wa Samaria, mme baporofeta bohle ba porofeta ba le kapele ho bona.
10. Sedekia, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: <Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame ho fihlela o ba timetsa.> ”
11. Baporofeta bohle ba porofeta jwalo, ba re: “Futuhela Rama e Gileade, o tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”