1. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa puso ya Asa, Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang naheng ya Asa, kgosi ya Juda.
2. Asa a nka silefera le kgauta e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ho Bene-Hadade, kgosi ya Arame, ya neng a ahile Damaseka, mme a re:
3. “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse silefera le kgauta. Tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”