1. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa puso ya Asa, Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang naheng ya Asa, kgosi ya Juda.
2. Asa a nka silefera le kgauta e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ho Bene-Hadade, kgosi ya Arame, ya neng a ahile Damaseka, mme a re:
3. “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse silefera le kgauta. Tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”
4. Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa. A romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele. Ba ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Maime, le metse yohle ya Nafthali e nang le disiu.
5. Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a tlohela mosebetsi oo.
6. Jwale kgosi Asa a romela banna bohle ba Juda; bao ba tla, ba fihla Rama, ba nka majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheletsa motse ka tsona, mme ka tsona a haheletsa motse wa Geba le wa Misepa.
7. Ka yona nako eo, Hanani wa moporofeta a fihla ho Asa, kgosi ya Juda, a re ho yena: “Kahobane o ile wa tshepa kgosi ya Arame, wa se ke wa tshepa Morena Modimo wa hao, lebotho la kgosi ya Arame le o phonyohile.
8. Na Bakushe le Balebia e ne e se lebothohadi le nang le dikariki tsa ntwa tse ngata haholo, le bahlabani ba bangata, ba palamang? Empa kahobane o ile wa tshepa Morena, o ile a neelana ka bona matsohong a hao.
9. Morena o bona tsohle tse lefatsheng, ho matlafatsa le ho thusa ba mo tshepang ka dipelo tsohle tsa bona. Empa mona teng o sebeditse ka bothoto; ka baka leo, ho tloha jwale o tla lweba kahara ntwa.”
10. Asa a halefela moporofeta, a ba a mo kenya tjhankaneng. O ne a mo halefetse ka baka la polelo ena, mme ka yona nako eo Asa a phedisa batho ba bang ka thata.