8. Ha Asa a utlwa mantswe ana, le boporofeta bona ba moporofeta Odede, a tsoha molota. Naheng yohle ya ba morabe wa Juda le wa Benjamine, le metseng yohle eo a neng a e hapile naheng ya Efraime e maralla, Asa a fedisa medimo ya bohata eo e neng e le manyala; a ntjhafatsa le aletare ya Morena e neng e le lethuleng la Tempele ya Morena.
9. A kgobokanya bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine, le bajaki ba neng ba etswa naheng ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, le ya ba morabe wa Simeone. E ne e ile yare ha ba bona hore Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba fallela ho yena ka bongata, ba etswa naheng ya Iseraele.
10. Ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Asa, ba kgobokanela ho yena, Jerusalema.
11. Ka yona nako eo ba nyehella Morena ka dipohwana tse makgolo a supileng le ka dikgutshwane tse dikete tse supileng, tseo ba neng ba di hapile.
12. Ba etsa selekane sa hore ba tla sebeletsa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ka dipelo tsohle tsa bona, le ka moya wohle wa bona.
13. Ba dumellana hore bohle ba sa tlo sebeletsa Morena, e ka ba ba baholo kapa ba banyenyane, banna kapa basadi, ba bolawe.
14. Ba hlapanyetsa Morena ka ditlatse tse kgolo, le ka mehoo, le ka diterompeta, le ka manaka.
15. Bohle ba setjhaba sa Juda ba thabela kano eo, hobane ba ne ba ile ba e hlapanyetsa ka dipelo tsohle tsa bona; ba mmatla ka tjheseho e kgolo, mme ba mo fumana. Morena a ba nea kgotso kahohle.
16. Kgosi Asa a tlosa Maaka, nkgonwae, setulong sa bofumahadi, hobane o ne a ile a etsa setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a robaka modimo oo wa nkgonwae, a o thua, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone.