2 Diketsahalo 14:9-13 BIBELE (SSO89SO)

9. Sera wa Mokushe a ba futuhela ka lebotho la bahlabani ba mileone, le ka dikariki tsa ntwa tse makgolo a mararo, a ba a ya fihla Maresha.

10. Asa a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ditheko tsa tadimana di le ka kgohlong ya Sefata, haufi le Maresha.

11. Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”

12. Jwale Morena a etsa hore Bakushe ba hlolwe ke bo-Asa le bahlabani ba Juda. Bakushe ba baleha.

13. Asa le bahlabani ba hae ba ba phaladisa ho ya fihla Gerare, mme Bakushe ba hlolwa hoo ba ileng ba sitwa le ho boya sekwele. Ba hlolwa ke Morena le lebotho la hae. Bahlabani ba Juda ba hapa haholo.

2 Diketsahalo 14