2 Diketsahalo 13:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Bahlabani ba naha ya Juda ba hlaba mokgosi. Yare ba sa ntsane ba hlaba mokgosi, Modimo a etsa hore Jeroboame le Baiseraele bohle ba hlolwe ke bo-Abiya le bahlabani ba Juda.

16. Bana ba Iseraele ba baleha bahlabani ba Juda, mme Modimo a neelana ka bona matsohong a bahlabani bao ba Juda.

17. Abiya le bahlabani ba hae ba ba etsa mofela. Ha bolawa mokgetho wa bahale ba Iseraele ba dikete tse makgolo a mahlano.

18. Mohlang oo bahlabani ba Juda ba hlola bana ba Iseraele, kaha ba ne ba le matla, ba tshepile Morena Modimo wa bo-ntata bona.

19. Abiya a phaladisa Jeroboame, mme a hapa motse wa Bethele le metsana ya wona, le motse wa Jeshana le metsana ya wona, le motse wa Eferone le metsana ya wona.

20. Mehleng ya Abiya, Jeroboame ha a a ka a hlola a tsosa mohlahla, mme Morena a mo otla, a shwa.

21. Abiya a nna a matlafala. A nyala basadi ba leshome le metso e mene, ba mo tswalla bara ba mashome a mabedi a metso e mmedi, le baradi ba leshome le metso e tsheletseng.

22. Diketso tse ding tsa Abiya, le mekgwa ya hae, le maele a hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Ido.

2 Diketsahalo 13