13. Jeroboame a romela bahlabani ba bang hore ba eo ba lalla kamorao; kahoo mabotho a hae a ne a le kapele ho mabotho a naha ya Juda, mme ba laletseng ba le kamorao ho wona.
14. Ha bahlabani ba naha ya Juda ba hetla, ba bona hore ba futuhelwa kapele le kamorao. Ba ipiletsa ho Morena, baprista ba letsa diterompeta.
15. Bahlabani ba naha ya Juda ba hlaba mokgosi. Yare ba sa ntsane ba hlaba mokgosi, Modimo a etsa hore Jeroboame le Baiseraele bohle ba hlolwe ke bo-Abiya le bahlabani ba Juda.