2 Diketsahalo 13:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya kgosi Jeroboame, Abiya a qala ho busa naha ya Juda.

2. O ile a busa ka dilemo tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Mmikiya, moradi wa Uriele, wa motse wa Gibea.Ntwa ya qhoma pakeng tsa Abiya le Jeroboame.

3. Abiya a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a mane. Jeroboame le yena a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a robedi.

4. Abiya a ema hodima thaba ya Semaraime, e naheng e maralla ya Efraime, a howeletsa, a re: “Wena Jeroboame, le lona Baiseraele bohle, mmameleng!

5. Na ha le tsebe hore Morena Modimo wa Iseraele, o neile Davida puso ya Iseraele yohle, kamehla yohle? O mo neile yona le ditloholo tsa hae, ka selekane sa mehla yohle?

6. Empa jwale Jeroboame, mora wa Nebate, mohlanka wa Solomone, mora wa Davida, o tsohetse monga hae matla, o mo fetohetse.

7. Banna ba ditlokotsebe, ba baikaketsi, ba bokanetse Jeroboame, mme Jeroboame o fetohetse Rehoboame, mora wa Solomone, ya ntseng a tetema, ya sitwang ho itwanela.

8. “Jwale lona le ikemiseditse ho lwantsha puso ya Morena e matsohong a ditloholo tsa Davida, hobane le le letshwelehadi, le bile le ena le manamane a kgauta, ao Jeroboame a le etseditseng wona, hore e be medimo ya lona ya bohata.

9. Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.

2 Diketsahalo 13