2 Diketsahalo 12:8-16 BIBELE (SSO89SO)

8. Leha ho le jwalo, e tla ba bahlanka ba Shishake, hore ba tle ba tsebe hore na ke sebeletswa jwang, le mebuso ya dinaha tse ding e sebeletswa jwang.”

9. Yaba Shishake, kgosi ya Egepeta, o futuhela Jerusalema. A hapa matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A hapa tsohle; a hapa le dithebe tsa kgauta tse neng di entswe ke Solomone.

10. Sebakeng sa tsona, kgosi Rehoboame a etsa dithebe tsa lethose, mme a di bea taolong ya balaodi ba balebedi ba neng ba lebela monyako wa ntlo ya kgosi.

11. Kamehla, ha kgosi e ne e kena ka Tempeleng ya Morena, balebedi ba ne ba ye ba nke dithebe tseo, ba be ba di kgutlisetse ka tlung ya balebedi.

12. Kahobane kgosi e ile ya ikokobetsa, Morena a kgaotsa ho e halefela, a se ke a e timetsa ho hang, etswe le naheng ya Juda ho ne ho sa na le dintho tse lokileng.

13. Kgosi Rehoboame a imatlafatsa a le Jerusalema, mme a nna a busa. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ile a o kgetha hara merabe yohle ya Iseraele, hore a kgumamellwe ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone.

14. A etsa bobe, hobane o ne a sa ikemisetsa ho sebeletsa Morena.

15. Diketso tsohle tsa Rehoboame, ho tloha qalong ho isa qetellong, le tsa tlhatlhamano ya lelapa la hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofoeta Shemaya, le Bukeng ya Moporofeta Ido. Dintwa tsa nna tsa eba teng pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame.

16. Rehoboame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Abiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

2 Diketsahalo 12