2 Diketsahalo 12:6-8 BIBELE (SSO89SO)

6. Mahosana a Iseraele le kgosi ba ikokobetsa, mme a ba re: “Morena o lokile!”

7. Eitse ha Morena a bona hore ba ikokobeditse, lentswe la Morena la fihla ho Shemaya, la re: “Erekaha ba ikokobeditse nke ke ka ba timetsa, ke tla ba namonamolela, mme nke ke ka sebedisa Shishake ka ho hlatsetsa kgalefo ya ka hodima Jerusalema, ka neelana ka yona ho Shishake.

8. Leha ho le jwalo, e tla ba bahlanka ba Shishake, hore ba tle ba tsebe hore na ke sebeletswa jwang, le mebuso ya dinaha tse ding e sebeletswa jwang.”

2 Diketsahalo 12