1. Hoba mmuso wa Rehoboame o tsitse, mme a imatlafatse, yena le setjhaba sohle sa Iseraele ba furalla molao wa Morena.
2. Ka selemo sa bohlano sa puso ya kgosi Rehoboame, Shishake, kgosi ya Egepeta, a futuhela Jerusalema, hobane Baiseraele ba ne ba sa ka ba tshepahala ho Morena.
3. A futuha ka dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mabedi, le ka bahlabani ba palamang dipere ba dikete tse mashome a tsheletseng. O ne a ena le setjhaba se neng se ke ke sa balwa ke bongata, se tlileng le yena ho tswa Egepeta, e le Balebia, le Basuke, le Bakushe.
4. A hapa metse ya Juda e haheleditsweng, mme a ya Jerusalema.
5. Yaba moporofeta Shemaya o fihla ho Rehoboame, le ho mahosana a Juda, a neng a kgobokane Jerusalema ka baka la ho tshaba Shishake, mme a re ho bona: “Morena o bua tjena: <Le mphuraletse, ka baka leo, le nna ke tla neelana ka lona matsohong a Shishake.> ”