6. e leng Betlelehema, le Etame, le Tekowa,
7. le Bete-Sure, le Soko, le Adulame,
8. le Gade, le Maresha, le Sife,
9. le Adoraime, le Lakishe, le Aseka,
10. le Sora, le Aiyalone, le Heborone. Metse ena ke yona e neng e haheleditswe naheng ya Juda le naheng ya Benjamine.
11. A haheletsa metse ena, a bea balaodi ho yona, a ba fa dijo, le ole ya mohlwaare, le veine.
12. Motse o mong le o mong a o hlomella ka dithebe le ka marumo, a o matlafatsa haholo. Ba morabe wa Juda le wa Benjamine ba ba tlasa puso ya hae.
13. Baprista le Balevi ba neng ba le naheng yohle ya Iseraele, ba tloha dibakeng tsohle tsa bona, ba fallela ho Rehoboame.
14. Balevi ba siya dibaka tsa bona le maruo o bona, ba fallela naheng ya Juda le Jerusalema, hobane bo-Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba hanela ho etsetsa Morena ditshebeletso tsa bona tsa boprista.
15. Jeroboame a itlhomamisetsa baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ba sebeletsang medingwana ya diphooko, le ba sebeletsang manamane ao a a bopileng.
16. Bohle ba merabe ya Iseraele, ba neng ba rata Morena Modimo wa Iseraele, ba sala Balevi bao morao, ba tla Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa bo-ntata bona mahlabelo.
17. Ka dilemo tse tharo ba matlafatsa mmuso wa Juda, ba tshehetsa le Rehoboame, mora wa Solomone. Ka dilemo tseo tse tharo ba tsamaya mehlaleng ya Davida le Solomone.